Luka
Khaolo 19:1-4
BIBELE e Halalelang
1 Jesu a kena Jeriko, a pholletsa hara motse.
2Mme bonang, monna o ne a le teng ya bitswang Sakea; e ne e le molaodi wa balekgetho, hape e ne e le morui.
3a rata ho bona Jesu hoba ke mang, a mpa a sitwa ka baka la bongata; hobane a ne a le mokgutshwanyane boemong.
4Yaba o mathela pele, a hlwella sefateng sa sikomora, hore a tle a mmone, hobane o ne a tla feta ho sona.