Luka
Khaolo 19:10-16
BIBELE e Halalelang
10Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng.
11Eitse ha ba sa mametse taba tseo, Jesu a eketsa ho bolela setshwantsho, hobane a ne a le haufi le Jerusalema, mme ba ne ba lekanya hobane mmuso wa Modimo o tla hlaha kapele.
12A re: Motho e moholo o ne a etela fatsheng le hole ho inkela borena, a ntoo boya.
13A bitsa bahlanka ba hae ba leshome, a ba nea ponto tse leshome, a re ho bona: Le nne le bapatse ka tsona, ke be ke fihle.
14Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.
15Eitse mohla a kgutlang a se a nkile borena, a laela hore bahlanka ba hae, bao a ba neileng ditjhelete, ba bitswe, a tle a tsebe hoba e mong le e mong o ruile ho le hokae ka papatso ya hae.
16Ha fihla wa pele, a re: Morena, ponto ya hao e hlahisitse ponto tse leshome.