Luka
Khaolo 19:21-27
BIBELE e Halalelang
21hobane ke o tshabile, ka hobane o le motho ya thata: o nka seo o sa kang wa se bea, mme o kotula seo o sa kang wa se jala.
22A re ho yena: Mohlanka e mobe, ke tla o ahlola ka polelo ya hao. O ne o tseba hobane ke motho ya thata, ke nkang seo ke sa kang ka se bea, ke kotulang seo ke sa kang ka se jala!
23Ha ho le jwalo, ha o ka wa bea keng tjhelete ya ka bankeng, mme ho kgutleng ha ka nka be ke e latile le phaello ya yona?
24Yaba o re ho ba leng teng: Mo amoheng ponto eo, le e nee ya nang le diponto tse leshome.
25Ba re ho yena: Morena, o se a ena le diponto tse leshome.
26Ke fela ke re ho lona: Ho tla fuwa e mong le e mong ya nang le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.
27Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.