Luka
Khaolo 19:39-45
BIBELE e Halalelang
39Bafarisi ba bang, ba hara bongata, ba re ho yena: Moruti, kgalemela barutuwa ba hao.
40A ba araba, a re ho bona: Ke a le bolella, ke re: Bao ha ba ka kgutsa, majwe a ka howa.
41Ha a atametse Jerusalema, a bona motse, a o llela,
42a re: Jo! hoja ebe le wena o tsebile, le ka tsatsi lena la hao, tse ka beng di o hlahisetsa kgotso! Empa jwale di patetswe mahlo a hao.
43Hobane matsatsi a tla o wela hodimo, ao bao e leng dira ho wena ba tla tjheka lengope, ba o teele hare ka lona, ba o thibelle ka nqa tsohle;
44ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena, mme ba ke ke ba lesa ha hao lejwe hodima lejwe le leng; hobane ha o a ka wa tseba nako eo o etetsweng ka yona.
45Yaba o kena tempeleng, a qala ho phahlela ntle ba bapatsang le ba rekang teng;