Luka
Khaolo 19:7-13
BIBELE e Halalelang
7Bohle, ha ba bona hoo, ba seba, ba re: O fapohetse ha monna wa moetsadibe.
8Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.
9Jesu a re ho yena: Kajeno, poloko e kene tlung ena; hobane enwa le yena ke mora wa Abrahama.
10Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng.
11Eitse ha ba sa mametse taba tseo, Jesu a eketsa ho bolela setshwantsho, hobane a ne a le haufi le Jerusalema, mme ba ne ba lekanya hobane mmuso wa Modimo o tla hlaha kapele.
12A re: Motho e moholo o ne a etela fatsheng le hole ho inkela borena, a ntoo boya.
13A bitsa bahlanka ba hae ba leshome, a ba nea ponto tse leshome, a re ho bona: Le nne le bapatse ka tsona, ke be ke fihle.