Luka
Khaolo 2:37-43
BIBELE e Halalelang
37mme jwale, e ne e se e le mohlolohadi wa dilemo tse batlileng ho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene; o ne a sa tlohe tempeleng, empa o ne a sebeletsa Modimo ka ho itima dijo le ka ho rapela bosiu le motshehare.
38Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.
39Eitse hobane ba phethe tsohle tse laetsweng molaong wa Morena, ba kgutlela Galelea, ba ya Nasaretha, motseng wa habo.
40Haele ngwana a nna a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; mme molemo wa Modimo wa nna wa dula ho yena.
41Baholo ba hae ba ne ba eya Jerusalema ka dilemo tsohle, moketeng wa Paseka.
42Eitse ha a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ba nyolohela Jerusalema ka mokgwa wa mokete.
43Hobane ba qete matsatsi a mokete, ha ba se ba boela ha habo, ngwana Jesu a sala Jerusalema, Josefa le mmae ba sa tsebe.