Luka
Khaolo 2:39-45
BIBELE e Halalelang
39Eitse hobane ba phethe tsohle tse laetsweng molaong wa Morena, ba kgutlela Galelea, ba ya Nasaretha, motseng wa habo.
40Haele ngwana a nna a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; mme molemo wa Modimo wa nna wa dula ho yena.
41Baholo ba hae ba ne ba eya Jerusalema ka dilemo tsohle, moketeng wa Paseka.
42Eitse ha a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ba nyolohela Jerusalema ka mokgwa wa mokete.
43Hobane ba qete matsatsi a mokete, ha ba se ba boela ha habo, ngwana Jesu a sala Jerusalema, Josefa le mmae ba sa tsebe.
44Empa, ka ho re, ekaba o letshweleng, ba tsamaya letsatsi le le leng, ba ntoo mmatla hara metswalle ya bona le bao ba tsebanang le bona.
45Ha ba sa mmone, ba boela Jerusalema, ba ntse ba mmatla.