Luka
Khaolo 20:1-4
BIBELE e Halalelang
1Mohlang oo, ka tsatsi le leng, ha a ntse a ruta batho tempeleng, a ba bolella Evangeli, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba ba tla,
2ba bua le yena, ba re: Ako re bolelle matla ao o etsang ntho tseo ka wona, le hoba ya o fileng matla ao ke mang na?
3A araba, a re ho bona: Ke tla le botsa taba le nna.
4Mpolelleng, na kolobetso ya Johanne e ne e tswa lehodimong, kapa e ne e tswa bathong na?