Luka
Khaolo 20:19-25
BIBELE e Halalelang
19Baprista ba baholo le bangodi ba batla ho isa matsoho ho yena ka yona nako eo, empa ba tshaba batho; hobane efela ba ne ba tsebile hoba o lekantse bona ka setshwantsho seo.
20Yaba ba mo ela hloko, ba roma dihlwela, tsa iketsa batho ba lokileng, hore di tle di mo tshwase dipolelong tsa hae, hore ba mo neele matleng le matsohong a mmusisi.
21Ba mmotsa, ba re: Moruti, re a tseba hobane o bua le ho ruta ka ho loka; ha o tadime tshobotsi ya motho, o mpa o hlile o ruta tsela ya Modimo kannete.
22Na ho a re lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa tjhe?
23Eitse ha a lemoha mano a bona, a re ho bona: Le ntekelang?
24Mpontsheng denare. E na le setshwantsho sa mang, le lengolo la mang? Ba araba, ba re: La Sesare.
25Yaba o re ho bona: Ha ho le jwalo, ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo.