Luka
Khaolo 20:27-33
BIBELE e Halalelang
27Yaba ba bang ba basadusi, ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa,
28ba re: Moruti, Moshe o re ngoletse, a re: Moholwane wa motho ha a shwele a ena le mosadi, empa a se na bana, e ka kgona moenae a nke mohlolohadi eo wa hae, a tle a hlahisetse ngwanabo bana.
29Jwale, bara ba motho ba ne ba le teng, ba supile; wa pele ho bona a nyala mosadi, a shwa a se na bana.
30Wa bobedi a nka mosadi eo, mme a shwa a se na bana le yena.
31Le wa boraro a mo nka; mme ha eba jwalo ho bona ba supileng: ba eshwa, ba sa siye bana.
32Kamora bona kaofela, le yena mosadi eo a shwa.
33Hleka mohla tsoho ya bafu, mosadi e tla ba wa ofe ho bona, haele moo ba supileng ba ne ba mo nyetse?