Luka
Khaolo 20:30-36
BIBELE e Halalelang
30Wa bobedi a nka mosadi eo, mme a shwa a se na bana le yena.
31Le wa boraro a mo nka; mme ha eba jwalo ho bona ba supileng: ba eshwa, ba sa siye bana.
32Kamora bona kaofela, le yena mosadi eo a shwa.
33Hleka mohla tsoho ya bafu, mosadi e tla ba wa ofe ho bona, haele moo ba supileng ba ne ba mo nyetse?
34Jesu a araba, a re ho bona: Bana ba lefatshe lena ba nyala, mme ba nyalwa;
35empa ba tlang ho newa tokelo ya ho bona lefatshe le tlang le tsoho ya bafu, ba ke ke ba nyala, le hona ba ke ke ba nyalwa.
36Hobane ha ba sa tla hlola ba eshwa; hobane ba tla tshwana le mangeloi, mme e tla ba bara ba Modimo, ha e se e le bara ba tsoho.