Luka
Khaolo 20:33-39
BIBELE e Halalelang
33Hleka mohla tsoho ya bafu, mosadi e tla ba wa ofe ho bona, haele moo ba supileng ba ne ba mo nyetse?
34Jesu a araba, a re ho bona: Bana ba lefatshe lena ba nyala, mme ba nyalwa;
35empa ba tlang ho newa tokelo ya ho bona lefatshe le tlang le tsoho ya bafu, ba ke ke ba nyala, le hona ba ke ke ba nyalwa.
36Hobane ha ba sa tla hlola ba eshwa; hobane ba tla tshwana le mangeloi, mme e tla ba bara ba Modimo, ha e se e le bara ba tsoho.
37Haele hobane bafu ba tla tsoha, Moshe le yena o ho bonahaditse, mohla a leng pela sehlahla, ha a bitsa Morena, Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo.
38Athe Modimo hase Modimo wa bafu, ke wa ba phelang; hobane ho wona batho kaofela ke ba phelang.
39Yaba ba bang ho bangodi ba bua, ba re: Moruti, o arabile hantle.