Luka
Khaolo 21:1-7
BIBELE e Halalelang
1Eitse ha Jesu a ntse a tadima, a bona barui ba nokelang dimpho tsa bona polokelong ya letlotlo.
2A bona le mosadi wa mohlolohadi ya fumanehileng a nokela ditjheletana tse pedi.
3A re: Kannete ke re ho lona: Mohlolohadi eo ya fumanehileng, o noketse ho feta ba bang bohle;
4hobane bao kaofela ba noketse dikabelong tsa Modimo, ba nkile ho tlallweng ha bona; kanthe enwa seo a se noketseng o se nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a phela ka hona.
5Ba bang ha ba ntse ba bolela tempele, ba re, e kgabisitswe ka majwe a matle le ka dikabelo, a re:
6Haele ka tseo le di tadimileng, ho ya tla matsatsi ao lejwe le sa tlo ka le leswa hodima lejwe le leng, le sa heletswa.
7Yaba ba mmotsa, ba re: Moruti, na tseo di tla etsahala neng, mme pontsho e tla ba efe ya hoba tseo di se di tla hlaha?