Luka
Khaolo 21:11-17
BIBELE e Halalelang
11Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang; mme matshabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tswang lehodimong.
12Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara ka matsoho a bona, ba le hlorise, ba le hulanyetse masinagogeng le diteronkong, ba le ise pela marena le babusisi, ka baka la lebitso la ka.
13Hoo ho tla le fihlela hore le bee bopaki.
14Ka baka leo, ikenyeng pelong tsa lona taba ya hore ha le na ho rera pele seo le tla ikarabela ka sona;
15hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.
16Le tla ekwa le ke batswadi ba lona, le ke banababo lona, le bahabo lona, le metswalle ya lona; ba tla bolaya ba bang ho lona;
17mme le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka.