Luka
Khaolo 21:14-20
BIBELE e Halalelang
14Ka baka leo, ikenyeng pelong tsa lona taba ya hore ha le na ho rera pele seo le tla ikarabela ka sona;
15hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.
16Le tla ekwa le ke batswadi ba lona, le ke banababo lona, le bahabo lona, le metswalle ya lona; ba tla bolaya ba bang ho lona;
17mme le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka.
18Empa qoba leha e le nngwe ya moriri wa dihlooho tsa lona, e ke ke ya timela.
19Le tla boloka meya ya lona ka sebete sa lona.
20Etlare ha le bona Jerusalema o teetswe hare ke makgotla a dira, le tsebe hoba tshenyeho ya wona e se e atametse.