Luka
Khaolo 21:19-25
BIBELE e Halalelang
19Le tla boloka meya ya lona ka sebete sa lona.
20Etlare ha le bona Jerusalema o teetswe hare ke makgotla a dira, le tsebe hoba tshenyeho ya wona e se e atametse.
21Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng; ba hara Jerusalema ba tswe; ba naheng ba se ke ba kena teng.
22Hobane matsatsi ao ke a tefetso, hore tsohle tse ngodilweng di phethahale.
23Empa ho tla ba madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo, hobane tsietsi e tla ba kgolo lefatsheng, mme bohale bo tla wela setjhaba sena.
24Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.
25Dipontsho di tla ba teng letsatsing, le kgweding, le dinaleding; le lefatsheng ditjhaba di tla tsieleha, di be le matswalo, lewatle le ntse le duma le maqhubu a lona.