Luka
Khaolo 21:25-31
BIBELE e Halalelang
25Dipontsho di tla ba teng letsatsing, le kgweding, le dinaleding; le lefatsheng ditjhaba di tla tsieleha, di be le matswalo, lewatle le ntse le duma le maqhubu a lona.
26Batho ba tla neela moya ke tshabo le ke tebello ya tse tla tla lefatsheng; hobane tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.
27Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka leru, ka matla le ka kganya e kgolo.
28Etlare ha tseo di qala ho hlaha, emisang dihlooho, mme le lelale hodimo, hobane topollo ya lona e tla be e atametse.
29A ba bolella setshwantsho, a re: Bonang sefate sa feiye le difate tsohle.
30Ha le di bona di se di hlahisa mahlaku, le ye le tsebe le lona hoba lehlabula le haufi.
31Ka mokgwa o jwalo le lona, etlare ha le bona tseo di hlaha, le tsebe hoba mmuso wa Modimo o haufi.