Luka
Khaolo 21:31-37
BIBELE e Halalelang
31Ka mokgwa o jwalo le lona, etlare ha le bona tseo di hlaha, le tsebe hoba mmuso wa Modimo o haufi.
32Kannete ke re ho lona: Moloko ona o ke ke wa feta, tseo di eso ho hlahe.
33Lehodimo le tla feta le lona lefatshe, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa ba tsa feta.
34Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;
35hobane le tla wela ba ahileng lefatsheng lohle jwaloka sefi.
36Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.
37Jesu o ne a ruta tempeleng motshehare; bosiu o ne a etswa, a ya dula thabeng e bitswang ya Mehlwaare.