Luka
Khaolo 21:9-15
BIBELE e Halalelang
9Mohla le utlwang dintwa le meferefere, le se ke la tshoha; hobane tseo di tshwanetse ho hlaha pele, empa le moo, bofelo bo ke ke ba hlaha kapele.
10Jwale a re ho bona: Setjhaba se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong.
11Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang; mme matshabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tswang lehodimong.
12Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara ka matsoho a bona, ba le hlorise, ba le hulanyetse masinagogeng le diteronkong, ba le ise pela marena le babusisi, ka baka la lebitso la ka.
13Hoo ho tla le fihlela hore le bee bopaki.
14Ka baka leo, ikenyeng pelong tsa lona taba ya hore ha le na ho rera pele seo le tla ikarabela ka sona;
15hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.