Luka
Khaolo 22:11-17
BIBELE e Halalelang
11mme le re ho monga ntlo: Moruti o re ho wena: Ntlo e kae eo ke tla jela Paseka le barutuwa ba ka ho yona?
12O tla le bontsha ntlo e kahodimo e kgolo, e kgabisitsweng. Le lokise Paseka teng.
13Eitse ha ba ile, ba fihlela ho le jwalokaha a ba boleletse; mme ba lokisa Paseka.
14Nako ha e tlile, a dula tafoleng le baapostola ba leshome le metso e mmedi.
15A re ho bona: Ke lakaditse haholo ho ja Paseka ena le lona, ke eso ho utlwe bohloko.
16Hobane ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke e ja, e tle e be e phethehe mmusong wa Modimo.
17Jwale a nka senwelo, a leboha, a re: Se nkeng, le se sielane.