Luka
Khaolo 22:14-20
BIBELE e Halalelang
14Nako ha e tlile, a dula tafoleng le baapostola ba leshome le metso e mmedi.
15A re ho bona: Ke lakaditse haholo ho ja Paseka ena le lona, ke eso ho utlwe bohloko.
16Hobane ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke e ja, e tle e be e phethehe mmusong wa Modimo.
17Jwale a nka senwelo, a leboha, a re: Se nkeng, le se sielane.
18Hobane ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tle ho be ho fihle mmuso wa Modimo.
19A ntoo nka bohobe, mme eitse hobane a lebohe, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Hona ke mmele wa ka, o neelwang lona; etsang hona hore le tle le nne le nkgopole.
20A etsa jwalo le ka senwelo, ha ba se ba laletse, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.