Luka
Khaolo 22:20-26
BIBELE e Halalelang
20A etsa jwalo le ka senwelo, ha ba se ba laletse, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.
21Empa, bonang, letsoho la ya nkekang le na le nna tafoleng.
22Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho laetswe; empa ho madimabe motho ya mo ekang.
23Mme ba qala ho botsana hore na ekaba ke mang hara bona ya tla etsa hona!
24Kgang le yona ya eba teng hara bona ya ho tseba hore na ke ofe wa bona ya ka lekanngwang hoba ke e moholo.
25Empa a re ho bona: Marena a ditjhaba a di busa, mme ba di busang ho thwe, ke bababalli ba tsona.
26Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa e moholo hara lona a be jwaloka e monyenyane, mme ya busang a be jwaloka ya sebeletsang.