Luka
Khaolo 22:24-30
BIBELE e Halalelang
24Kgang le yona ya eba teng hara bona ya ho tseba hore na ke ofe wa bona ya ka lekanngwang hoba ke e moholo.
25Empa a re ho bona: Marena a ditjhaba a di busa, mme ba di busang ho thwe, ke bababalli ba tsona.
26Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa e moholo hara lona a be jwaloka e monyenyane, mme ya busang a be jwaloka ya sebeletsang.
27Hobane e moholo ke mang? A ke ya dutseng tafoleng, kapa a ke ya sebeletsang na? Na hase ya dutseng tafoleng na? Empa nna, ke hara lona jwaloka ya sebeletsang.
28Ke lona ba tiiseditseng le nna melekong ya ka.
29Mme nna ke le nea mmuso, jwalokaha Ntate a nneile wona,
30le tle le be ba jang le ba nwang tafoleng ya ka mmusong wa ka; mme le tle le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.