Luka
Khaolo 22:37-43
BIBELE e Halalelang
37Hobane ke le bolella hore taba e ngodilweng e tshwanetse ho phethehala ho nna, e reng: O badilwe le bakgopo. Hobane ditaba tsa ka di ya ho feleng ha tsona.
38Yaba ba re: Morena, bona, disabole tse pedi ke tsena. A re ho bona: Ho lekane.
39Yaba o a tloha, a ya thabeng ya Mehlwaare, ka temalo ya hae; mme barutuwa ba hae ba mo latela.
40Yare ha a fihlile teng, a re ho bona: Rapelang, hore le se kene molekong.
41A ntoo ya hojana le bona, sebaka se ka fihlewang ke lejwe ha le betswa; a kgumama ka mangwele a rapela,
42a re: Ntate, hoja o ka rata ho suthisa senwelo sena pela ka! empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho etswe ya hao.
43Yaba lengeloi le hlaha ho yena, le etswa lehodimong, la mo matlafatsa.