Luka
Khaolo 22:42-48
BIBELE e Halalelang
42a re: Ntate, hoja o ka rata ho suthisa senwelo sena pela ka! empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho etswe ya hao.
43Yaba lengeloi le hlaha ho yena, le etswa lehodimong, la mo matlafatsa.
44Eitse ha a le matswalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; mme dikgororo tsa hae tsa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.
45Yare ha a tsoha thapelong, a tla ho barutuwa ba hae, a ba fumana ba robetse ke ho swaba;
46a re ho bona: Na le robetse keng? Tsohang, le rapele, hore le se kene molekong.
47A re a sa bua, sehlopha sa hlaha, mme ya bitswang Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, o ne a se eteletse pele; a atamela ho Jesu ho mo aka.
48Empa Jesu a re ho yena: Judase, hleka o eka Mora motho ka kako na?