Luka
Khaolo 22:48-54
BIBELE e Halalelang
48Empa Jesu a re ho yena: Judase, hleka o eka Mora motho ka kako na?
49Yaba ba nang le yena, ha ba bona se tla hlaha, ba re ho yena: Morena, a re tla hlatha ka sabole na?
50Yaba e mong wa bona o hlatha mohlanka wa moprista e moholo, a mo kgaola tsebe e tona.
51Empa Jesu a bua, a re: Ba leseleng ho fihlela hona! Mme a ama tsebe ya motho eo, a mo fodisa.
52Yaba Jesu o bolella baprista ba baholo, le balaodi ba tempele, le baholo ba tlileng ho mo tshwara, a re: Le tlile ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka le batla leshodu!
53Ke ne ke ntse ke na le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, mme ha le a ka la bea matsoho ho nna; empa ke yona nako ya lona le matla a lefifi.
54Jwale ba phakisa ba mo tshwara, ba ya le yena, ba mo isa tlung ya moprista e moholo. Haele Petrose a latela a le hole.