Luka
Khaolo 22:5-11
BIBELE e Halalelang
5Ba thaba haholo, mme ba dumellana hammoho ho mo nea tjhelete.
6Mme ha a se a dumetse, a batla sebaka sa ho ba neela yena, setjhaba se sa tsebe.
7Eitse letsatsi la mahobe a se nang ditomoso ha le fihlile, leo batho ba tshwanetseng ho hlaba Paseka ka lona,
8Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je.
9Ba re ho yena: O rata hore re e lokise kae?
10A re ho bona: Etlare ha le kena motseng, le tla kgahlana le motho ya jereng nkgo ya metsi; le mo latelle tlung eo a tla kena ho yona;
11mme le re ho monga ntlo: Moruti o re ho wena: Ntlo e kae eo ke tla jela Paseka le barutuwa ba ka ho yona?