Luka
Khaolo 22:51-57
BIBELE e Halalelang
51Empa Jesu a bua, a re: Ba leseleng ho fihlela hona! Mme a ama tsebe ya motho eo, a mo fodisa.
52Yaba Jesu o bolella baprista ba baholo, le balaodi ba tempele, le baholo ba tlileng ho mo tshwara, a re: Le tlile ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka le batla leshodu!
53Ke ne ke ntse ke na le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, mme ha le a ka la bea matsoho ho nna; empa ke yona nako ya lona le matla a lefifi.
54Jwale ba phakisa ba mo tshwara, ba ya le yena, ba mo isa tlung ya moprista e moholo. Haele Petrose a latela a le hole.
55Eitse ha ba besitse mollo kahara lebala, ba dutse hammoho, Petrose a dula hara bona.
56Jwale, lekgabunyane le leng, ha le mmona a dutse pela mollo, la mo hlaba ka mahlo, la re: Le enwa o ne a na le yena.
57Empa a mo latola, a re: Mosadi, ha ke mo tsebe.