Luka
Khaolo 23:35-41
BIBELE e Halalelang
35Batho ba ne ba eme ba tadimile; babusi le bona ba ne ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; a a ipholose le yena, haele yena Kreste, mokgethwa wa Modimo!
36Le bona bahlabani ba ne ba mo soma, ba mo atamela, ba mo nea asene;
37ba re: Ekare ha o le morena wa Bajuda, o ipholose.
38Hape, ho no ho manehilwe lengolo kahodimo ho yena, le ngodilweng ka diletere tsa Segerike, le tsa Seroma, le tsa Seheberu, le reng: Enwa ke morena wa Bajuda.
39Se seng sa disenyi tse thakgisitsweng se ne se mo soma le sona, se re: Ekare haele wena Kreste, o ipholose, le rona o re pholose.
40Empa se seng sa kgalemela seo, sa re: Na wena ha o tshabe Modimo keng, kanthe o tsuong e le nngwe le enwa?
41Athe haele rona, ho re loketse, hobane re nka se tshwanetseng tseo re di entseng; empa enwa ha a ka a etsa letho le kgopo.