Luka
Khaolo 23:41-47
BIBELE e Halalelang
41Athe haele rona, ho re loketse, hobane re nka se tshwanetseng tseo re di entseng; empa enwa ha a ka a etsa letho le kgopo.
42Yaba se re ho Jesu: Morena, o nkgopole ha o kena mmusong wa hao!
43Jesu a re ho sona: Kannete ke re ho wena: O tla ba le nna kajeno Paradeiseng.
44E ne e le hora e batlileng ho tshelela, mme lefifi la eba teng naheng yohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.
45Letsatsi la fifala, mme lesela la tempele la hahoha ka lehare.
46Jesu hobane a meketse ka lentswe le leholo, a re: Ntate, ke neela moya wa ka matsohong a hao! Eitse hobane a rialo, a neela moya.
47Yare molaodi wa lekgolo ha a bona se hlahileng, a rorisa Modimo, a re: Ruri motho eo o ne a lokile!