Luka
Khaolo 23:47-53
BIBELE e Halalelang
47Yare molaodi wa lekgolo ha a bona se hlahileng, a rorisa Modimo, a re: Ruri motho eo o ne a lokile!
48Batho kaofela ba neng ba phuthehile ho tla boha, ba kgutla, ha ba bone tse hlahileng, ba ntse ba iteta difuba.
49Haele ba tsebanang le yena kaofela, le basadi ba neng ba mo latetse ha a etswa Galelea, ba ne ba eme kathoko, ba tadimile tse etswang.
50Monna ya bitswang Josefa, monna wa lekgotla, o ne a le teng, e le monna ya molemo, ya lokileng.
51O ne a sa ka a dumela morero wa ba bang le diketso tsa bona. E ne e le wa Arimathea, motse wa Bajuda, mme le yena o ne a lebeletse mmuso wa Modimo.
52Motho eo a ya ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu.
53Eitse hobane a se fanyolle, a se phuthela leseleng, a se pata lebitleng le tjhekilweng lefikeng, moo ho neng ho eso ho patwe motho teng.