Luka
Khaolo 23:50-56
BIBELE e Halalelang
50Monna ya bitswang Josefa, monna wa lekgotla, o ne a le teng, e le monna ya molemo, ya lokileng.
51O ne a sa ka a dumela morero wa ba bang le diketso tsa bona. E ne e le wa Arimathea, motse wa Bajuda, mme le yena o ne a lebeletse mmuso wa Modimo.
52Motho eo a ya ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu.
53Eitse hobane a se fanyolle, a se phuthela leseleng, a se pata lebitleng le tjhekilweng lefikeng, moo ho neng ho eso ho patwe motho teng.
54Tsatsi leo e ne e le la hlekelo, mme e ne e se e tla ba Sabatha.
55Athe basadi ba neng ba tswile Galelea ba latela Jesu, ba tadima lebitla, le kamoo setopo sa Jesu se bewang kateng.
56Ba kgutla, ba lokisa dinoko le ditlolo; mme ka letsatsi la Sabatha, ba phomola ka molao.