Luka
Khaolo 24:1-4
BIBELE e Halalelang
1Ka tsatsi le qalang veke, e sa le kameso, ba ya lebitleng ho isa dinoko tseo ba di lokisetseng, ba ena le ba bang.
2Empa ba fihlela lejwe le phikolositswe lebitleng.
3Yare hobane ba kene, ha ba ka ba fumana setopo sa Morena Jesu teng.
4Ba re ba sa tsielehile ke hoo, bonang, banna ba babedi ba ne ba eme pela bona ka diaparo tse hadimang.