Luka
Khaolo 24:20-26
BIBELE e Halalelang
20le kamoo baprista ba baholo le babusi ba rona ba mo neetseng kateng, ho ahlolelwa lefu, ba ba ba mo thakgisa.
21Haele rona, re ne re tshepile hobane ke yena ya tla lopolla Iseraele; leha ho le jwalo, e se e le letsatsi la boraro taba tseo di hlahile.
22Kwana, basadi ba bang ba sehlopha sa rona ba re makaditse haholo; ba ile lebitleng e sa le ka meso,
23mme ha ba ka ba fumana setopo sa hae, ba ba ba tla, ba bolela hore ba bone mohlolo wa mangeloi a itseng, o a phela.
24Ba bang ba rona ba ile lebitleng, mme ba fihletse ho le jwalokaha basadi ba boletse; empa yena, ha ba ka ba mmona.
25Yaba o re ho bona: Jo! batho ba se nang kutlwisiso, ba pelo tse diehang ho dumela tsohle tse boletsweng ke baporofeta!
26Hleka e ne e se tshwanelo hore Kreste a utlwiswe bohloko boo, a ntoo kena kganyeng ya hae na?