Luka
Khaolo 24:3-9
BIBELE e Halalelang
3Yare hobane ba kene, ha ba ka ba fumana setopo sa Morena Jesu teng.
4Ba re ba sa tsielehile ke hoo, bonang, banna ba babedi ba ne ba eme pela bona ka diaparo tse hadimang.
5Eitse basadi ha ba sa tshohile, ba kobotetse fatshe, ba re ho bona: Ya phelang na le mmatlelang hara bafu?
6Ha a yo mona, empa o tsohile. Hopolang kamoo a le boleletseng kateng, ha a sa le Galelea,
7a re: Mora motho o tshwanetse ho neelwa matsohong a baetsadibe, a thakgiswe, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro.
8Yaba ba elellwa ditaba tseo tsa hae.
9Jwale ba kgutla lebitleng, ba ya bolela taba tseo tsohle ho ba leshome le motso o mong, le ho ba bang bohle.