Luka
Khaolo 24:30-36
BIBELE e Halalelang
30Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.
31Yaba mahlo a bona a tutuboloha, mme ba mo tseba; empa a ba nyamella.
32Ba ba ba bolellana, ba re: Ana dipelo tsa rona di ne di sa tjhese kahare ho rona, ha a ntse a bua le rona tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?
33Ka yona nako eo ba tloha, ba kgutlela Jerusalema, mme ba fihlela ba leshome le motso o mong ba phuthehile le ba nang le bona, ba re:
34Morena o tsohile bafung kannete; o bile o bonwe ke Simone.
35Le bona ba pheta tse ba hlahetseng tseleng, le kamoo a itsebisitseng ho bona kateng, ka ho ngwatha bohobe.
36Ba re ba sa bolela tseo, Jesu a hla a ema hara bona ka sebele sa hae, a re ho bona: Kgotso e be le lona!