Luka
Khaolo 24:35-41
BIBELE e Halalelang
35Le bona ba pheta tse ba hlahetseng tseleng, le kamoo a itsebisitseng ho bona kateng, ka ho ngwatha bohobe.
36Ba re ba sa bolela tseo, Jesu a hla a ema hara bona ka sebele sa hae, a re ho bona: Kgotso e be le lona!
37Ba mpa ba tshoha, ba tshaba haholo, ba hloma eka ba bona seriti.
38A re ho bona: Le tshohelang? mme mehopolo e jwalo e hlahelang dipelong tsa lona?
39Bonang diatla tsa ka le maoto a ka, hobane ke nna ka sebele. Ntoboketseng, le bone; hobane seriti ha se na nama le masapo, jwalokaha le mpona ke ena le wona.
40Eitse ha a sa ba bolella hoo, a ba bontsha diatla tsa hae le maoto.
41Mme kahobane ba ne ba sa belaela ka baka la ho thaba le ho makala, a re ho bona: Na mona le na le ntho e jewang na?