Luka
Khaolo 24:46-52
BIBELE e Halalelang
46A ntoo re ho bona: Ho ne ho ngodilwe jwalo, mme ho ne ho tshwanela hore Kreste a utlwiswe bohloko, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro;
47ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.
48Lona, le dipaki tsa taba tseo.
49Mme bonang, nna ke tla le romela pallo ya Ntate; le mpe le sale motseng wa Jerusalema, le tle le be le apeswe ka matla a tswang hodimo.
50A ba isa kantle, ho ya fihla Bethania, a emisa matsoho a hae, a ba hlohonolofatsa.
51A re a sa ba hlohonolofatsa, a kgaohana le bona, a nyolosetswa lehodimong.
52Haele bona, ba mo kgumamela, ba ntoo kgutlela Jerusalema ka thabo e kgolo.