Luka
Khaolo 24:48-53
BIBELE e Halalelang
48Lona, le dipaki tsa taba tseo.
49Mme bonang, nna ke tla le romela pallo ya Ntate; le mpe le sale motseng wa Jerusalema, le tle le be le apeswe ka matla a tswang hodimo.
50A ba isa kantle, ho ya fihla Bethania, a emisa matsoho a hae, a ba hlohonolofatsa.
51A re a sa ba hlohonolofatsa, a kgaohana le bona, a nyolosetswa lehodimong.
52Haele bona, ba mo kgumamela, ba ntoo kgutlela Jerusalema ka thabo e kgolo.
53Ba ne ba le tempeleng kamehla, ba ntse ba boka Modimo, ba o rorisa.