Luka
Khaolo 24:7-13
BIBELE e Halalelang
7a re: Mora motho o tshwanetse ho neelwa matsohong a baetsadibe, a thakgiswe, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro.
8Yaba ba elellwa ditaba tseo tsa hae.
9Jwale ba kgutla lebitleng, ba ya bolela taba tseo tsohle ho ba leshome le motso o mong, le ho ba bang bohle.
10Ba boleletseng baapostola ditaba tseo, e ne e le Maria Magdalena, le Johanna, le Maria mma Jakobo, le bang ba nang le bona.
11Empa taba tsa basadi bao tsa eba jwaloka tshomo ho bona, mme ha ba ka ba dumela.
12Leha ho le jwalo, Petrose a tloha, a mathela lebitleng; eitse hobane a nyarele, a bona masela a beilwe a nnotshi fatshe; a ntoo kgutla, a ntse a maketse ka ho yena ke se hlahileng.
13Ka lona tsatsi leo, ba babedi ba bona ba ne ba ya motsaneng o mong, o bitswang Emmause, bohole ba wona le Jerusalema e le stadia tse mashome a tsheletseng;