Luka
Khaolo 3:2-8
BIBELE e Halalelang
2ha Anna le Kaiafa e le baprista ba baholo, lentswe la Modimo la tla ho Johanne, mora wa Sakaria, feelleng.
3A ya le lefatshe lohle le mathoko a Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe;
4jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya ditaba tsa moporofeta Esaia, ho thwe: Lentswe la ya howang feelleng, le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae.
5Diphula tsohle di katwe, dithaba tsohle le maralla wohle a kokobetswe; ho kgopamileng ho lokiswe; ditsela tse makukuno di latswe;
6mme nama yohle e bone poloko ya Modimo.
7O ne a re ho matshwele a tswelang ho kolobetswa ke yena: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?
8Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.