Luka
Khaolo 3:21-27
BIBELE e Halalelang
21Yare ha batho bohle ba kolobetswa, Jesu a kolobetswa le yena; ha a ntse a rapela, lehodimo le phetlwa,
22mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena.
23Jesu o ne a batla ho ba le dilemo tse mashome a mararo, ha a qala ho ruta. Ka ho lekanya ha batho, e ne e le mora wa Josefa, wa Heli,
24wa Mathate, wa Levi, wa Melki, wa Janai, wa Josefa,
25wa Matathia, wa Amose, wa Nahume, wa Esli, wa Naggai,
26wa Maathe, wa Matathia, wa Semei, wa Joseke, wa Juda,
27wa Joanane, wa Rhesa, wa Sorobabele, wa Salathiele, wa Neri,