Luka
Khaolo 3:8-14
BIBELE e Halalelang
8Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.
9Hape, selepe se se se beilwe metsong ya difate. Mme jwale, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.
10Bongata ba mmotsa, ba re: Ha ho le jwalo, re tla etsa eng na?
11A araba, a re ho bona: Ya nang le dikobo tse pedi a abele ya se nang yona, le ya nang le dijo a etse jwalo.
12Balekgetho le bona ba tla ho kolobetswa, mme ba re ho yena: Moruti, re tla etsang na?
13a re ho bona: Le se ke la lefisa ho fetisa hoo le ho laetsweng.
14Masole le wona a mmotsa, a re: Le rona, re tla etsa eng? A re ho wona: Le se ke la etsa motho ka matla, leha e le ka thetso; hape le kgolwe ke moputso wa lona.