Luka
Khaolo 4:15-21
BIBELE e Halalelang
15O ne a ruta masinagogeng a bona, a ntse a roriswa ke bohle.
16A fihla Nasaretha, moo a neng a holetse teng. Ka letsatsi la Sabatha, a kena sinagogeng ka mokgwa wa hae; mme a ema hore a bale.
17Yaba o newa buka ya moporofeta Esaia; mme ha a phutholotse buka, a fihlela sebaka moo ho ngodilweng, ho thwe:
18Moya wa Morena o ho nna, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, ho fodisa ba pelo tse bohloko, ho bolella ba holehilweng hore ba tla lokollwa, le ba foufetseng hore ba tla boela ba bone, ho nea ba hloriswang sebaka sa ho ikela,
19le ho bolela selemo sa Morena se molemo.
20Eitse hobane a phuthe buka, a e nea mohlanka, mme a dula; mahlo a bohle ba leng sinagogeng a nna a tadima yena.
21Yaba o qala ho ba bolella, a re: Kajeno, lengolo leo le etsahetse, le a ikutlwela.