Luka
Khaolo 4:17-23
BIBELE e Halalelang
17Yaba o newa buka ya moporofeta Esaia; mme ha a phutholotse buka, a fihlela sebaka moo ho ngodilweng, ho thwe:
18Moya wa Morena o ho nna, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, ho fodisa ba pelo tse bohloko, ho bolella ba holehilweng hore ba tla lokollwa, le ba foufetseng hore ba tla boela ba bone, ho nea ba hloriswang sebaka sa ho ikela,
19le ho bolela selemo sa Morena se molemo.
20Eitse hobane a phuthe buka, a e nea mohlanka, mme a dula; mahlo a bohle ba leng sinagogeng a nna a tadima yena.
21Yaba o qala ho ba bolella, a re: Kajeno, lengolo leo le etsahetse, le a ikutlwela.
22Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na?
23A re ho bona: Efela le sa tla mpolella setshwantsho se reng: Ngaka, o iphodise e le wena; ntho tseo re di utlwileng di etseditswe Kapernauma, o etse tse kalo le mona naheng ya heno.