Luka
Khaolo 4:23-29
BIBELE e Halalelang
23A re ho bona: Efela le sa tla mpolella setshwantsho se reng: Ngaka, o iphodise e le wena; ntho tseo re di utlwileng di etseditswe Kapernauma, o etse tse kalo le mona naheng ya heno.
24A mpa a re: Kannete ke re ho lona: Ha ho moporofeta ya amohelwang naheng ya habo.
25Kannete ke re ho lona: Basadi ba bahlolohadi ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng, mehleng ya Elia, mohla lehodimo le kwalwang ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, mme tlala e kgolo ya eba teng lefatsheng lohle;
26mme ha ho a ka ha eba eo Elia a rongwang ho yena, haese mosadi wa mohlolohadi wa Sarepta, naheng ya Sidone.
27Le balepera ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, empa ha ho a ka ha eba e mong wa bona ya ntlafaditsweng, haese Naamane wa Mosiria.
28Ba leng sinagogeng ba tlala bohale kaofela, ha ba utlwa dipolelo tseo.
29Ba ema, ba mo lelekela kantle ho motse, ba mo isa selomong sa thaba eo motse wa bona o hahilweng hodima yona, ba re, ba ya mo dihela.