Luka
Khaolo 4:30-36
BIBELE e Halalelang
30Empa yena a iphetela hara bona, a ikela.
31Yaba o theohela Kapernauma, motse wa Galelea; mme o ne a ruta batho ka matsatsi a Sabatha.
32Ba ne ba tsota thuto ya hae; hobane a ne a bua ka borena.
33Monna o ne a le teng sinagogeng, ya nang le moya wa motemona o ditshila; a howa ka lentswe le leholo,
34a re: Tloha! taba ya rona le wena ke efe, Jesu wa Nasaretha? Na o tlile ho re timetsa? Ke a o tseba hoba o mang: o Mohalaledi wa Modimo.
35Jesu a kgalemela motemona, a re: Kgutsa, o tswe ho yena. Yaba motemona, hobane a mo dihele hare, a tswa ho yena, a sa mo ntshe kotsi.
36Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Lentswe lena ke eng, ha a kgalemela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e etswa?