Luka
Khaolo 4:35-41
BIBELE e Halalelang
35Jesu a kgalemela motemona, a re: Kgutsa, o tswe ho yena. Yaba motemona, hobane a mo dihele hare, a tswa ho yena, a sa mo ntshe kotsi.
36Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Lentswe lena ke eng, ha a kgalemela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e etswa?
37Mme botumo ba hae ba utlwahala mathokong wohle a naha eo.
38Yaba o tswa sinagogeng, a kena tlung ya Simone. Mohwehadi wa Simone o ne a tshwerwe ke febere e kgolo; ba mo rapella ho yena.
39Jesu a inama hodima hae, a kgalemela febere, mme ya mo tlohela; mme a phakisa a tsoha, a ba sebeletsa.
40Letsatsi ha le dikela, bohle ba nang le ba jewang ke malwetse a mefuta, ba ba tlisa ho yena; a bea matsoho a hae hodima e mong le e mong, a ba fodisa.
41Le batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: Ke wena Kreste, Mora wa Modimo. Jesu a mpa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba hobane ke yena Kreste.