Luka
Khaolo 4:7-13
BIBELE e Halalelang
7Mme jwale, wena, ha o kgumama pela ka, tsohle e tla ba tsa hao.
8Jesu a mo araba a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe. O tla kgumamela Morena, Modimo wa hao, o sebeletse yena feela.
9Jwale, Diabolose a mo isa Jerusalema, a mmea hlorong ya tempele, a re ho yena: Ekare ha o le Mora Modimo, o itihele fatshe o le mona;
10hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla o laella mangeloi a hae, a o boloke;
11mme a tla o kgakeletsa matsohong a wona, hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.
12Jesu a mo araba, a re: Ho boletswe, ho thwe: O se ke wa leka Morena, Modimo wa hao.
13Eitse hobane Diabolose a qete moleko wohle, a mo tlohela, nako e nngwe e tle e be e fihle.