Luka
Khaolo 5:26-32
BIBELE e Halalelang
26Ba hlollwa kaofela, ba rorisa Modimo, mme ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.
27Kamora tseo, a tswa moo, a bona molekgetho, ya bitswang Levi, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena: Ntatele!
28Yena a tlohela tsohle, a ema, a mo latela.
29Levi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme ho ne ho le sehlopha se seholo sa balekgetho, le sa ba bang ba dutseng le bona dijong.
30Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?
31Jesu a araba, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka; empa e batlwa ke ba kulang.
32Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.